DIKAHARE
KETAPELE YA MOLAODI E MOHOLO WA TSHEBELETSO YA NAHA YA DIPUO LE
LENANE LA DIKGUTSUFATSO
KETAPELE KA NGAKA NOMSO MGIJIMA, MOLAODI E MOHOLO WA TSHEBELETSO YA NAHA YA PUO
Afrika Borwa e tjametswe ke boikarabelo ba ho fumana tharollo ya qaka tse kang ya ho matlafatsa batho ba yona moruong, phediso ya tlhokeho ya mosebetsi le bofuma. Ka hoo ke ntlha ya bohlokwa hore e be puo e na le seabo sa bohlokwa tharollong ya diphephetso tsena. Ho feta mona, re lokela ho lemoha hore puo le yona e na le nyehelo ya bohlokwa thutong, e netefatsa hore ho na le mokgwa wa ho finyella ditshebeletso tsa bohlokwa le lesedi, molemong wa ntshetsopele ya motho boyeneng ba hae le pepesong ya bonono ba setho.
Lefapha la Bonono le Setho le bona motheo wa Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo (Language Research and Development Centres - di-LRDC) e le tsa bohlokwa haholo tharollong ya ditaba tsena. Ka ho etsa jwalo, katamelo ya rona e ne e le ho leka ho tsepamisa ka tsela e qoholehileng maikutlo hodima dipuo tse neng di kotetswe nakong e fetileng, ka ho etsa jwalo e le ho di abela sebaka sa bohlokwa phethahatsong ya leano la rona la tshebediso ya dipuo tse ngata.
Mohopolo wa Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo (di-LRDC) le wona o nkela hlohong hore ditjhaba tse buwang puo di qhalane hohle diprovenseng tse fapaneng. Ka lebaka leo, di tla hlongwa moo batho ba buwang dipuo tsena ba phelang teng. Ho hlongwa ha Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo (di-LRDC) diprovenseng, haufi le beng ba dipuo tsa kwano, ke mohato wa lewa jwalo ka ha re bonela pele dilekane tse tla tlabolwa le tshebedisano mererong ya diprojeke tsa bohlokwa tsa puo tse tla etswa ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tse ngata naheng ya rona.
Leha ho le jwalo, re lokela ho amohela mohopolo wa Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo (di-LRDC) jwalo ka mohopolo o batlang o le motjha naheng ena ya rona. Re tla itshetleha haholo tshehetsong ya balekane ba rona ba jwalo ka mafapha a mmuso wa naha, diprovense tse robong ha mmoho le Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa.
LENANE LA DIKGUTSUFATSO
Bonono, Setho, Saense le Theknoloji
Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo
Leano la Puo ya Naha
Ntshetsopele ya Afrika
Tjhaba sa Afrika e ka Borwa
Matjhaba a Kopaneng a Mokgatlo wa Thuto, Saense le Setho
SELELEKELA
Ho tloha morao ka selemo sa 1997, Letona la Bonono le Setho, Saense le Theknoloji, Ngaka Ben Ngubane, o ile a laela Lefapha ho potlakisa ho thehwa ha Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo (di-LRDC). Ho ile ha tshwarwa ditherisano ha mmoho le tlhakiso ya bokgoni bo teng le mehlodi ho hlahloba bohlokwa le monyetla wa morero o jwalo. Ka hoo, ditlhahiso tse fuperweng ke tokomane ena ya puisano di ile tsa nkella hlohong sephetho le dikgothaletso tse ileng tsa ba teng. Ho feta mona, ho ile ha hlophollwa boemo ba hona jwale bo amanang le phetoho ya boemo ba puo ho tloha ka selemo sa 1994 ntlheng ya katleho tse fihletsweng, mathata le makgalo a ntseng a le teng. Ho amohelwa nnete e reng tshebediso ya dipuo tsena dibakeng tsa mosebetsi, thutong, mekgweng e batsi ya ho fana ka ditaba, kgwebong, jwalo jwalo, ha e kgeme le Molao wa Motheo.
Boitshetlehong ba dintlha tsena, ho ile ha fihlelwa qeto hore ho thehwa ha Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo ke hwa bohlokwahadi ho lokelang hore ho akofiswe hore ho fane ka mokoka phethahatsong ya Moralo wa Tshebetso wa Leano la Naha la Puo (NLPF). Haholoholo dipuong tsa batho ba neng ba ntse ba kotetswe nakong e fetileng, melemo e tla fumaneha ho thehweng ha ditsha tsena ke e mengata haholo. Tokomaneng ena, ho hlahiswa mohopolo le tsela ya Ditsha tse jwalo ho latela kutlwisiso ya Afrika Borwa. Ho boetse ho entswe le tlhahiso ya se bolelwang mabapi le moralo, tlhophiso le tshehetso ya ditjhelete.
MOELELO
Moralo wa Tshebetso wa Leano la Naha la Puo wa 2003 o bontsha hore phethahatso ya leano ka mokgwa o sebetsang hantle e itshetlehile motheong wa tlhekelo wa institjhushene o tsitsitseng le o tla netefatsa hore ho na le tshebetso ya nako e telele ya mesebetsi e ntshetsopele ya dipuo tsohle a etsahalang ka dinako tsohle. Diphuputso, tse loketseng le tse arabelang ditlhoko tse amanang le ntshetsopele ya leano, tekolo ya leano le ho etsa diqeto, ke tsona dintho tse tla atlehisa leano la phethahatso, haholo ha ho tadingwa mathata a ditjhelete le mehlodi e haellang eo mmuso o tjamelaneng le yona kajeno.
Mmuso o itlamme ka tshebediso ya dipuo tse ngata e le wona mokgwa o tla sebediswa mona Afrika Borwa. Ekasitana le boitlamo ba molao wa motheo bo hlakile, ?hore mmuso ka ho lemoha tshebediso e fedileng e qholoditsweng ke histori le boemo ba dipuo tsa kwano tsa batho ba rona, o lokela ho etsa mawala ohle a loketseng a ho phahamisa boemo le ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tsena? Molao wa 108 wa 1996, karolo ya 62. Ho thehwa ha Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo di-LRDC ke o mong wa mehato ya pele e jwalo eo mmuso o lokelang ho kena ho yona mme ebile e dula e le boikarabelo ba mmuso bo ke keng ba qhellwa thoko. Ka hoo, molao le moelelo wa leano le tshehetsang ho thehwa ha Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo o se o le teng ho etsa hore mmuso o kgone ho fihlella sepheo sa tshebediso ya dipuo tse ngata ho la Afrika Borwa. Hobane mmuso o ikarabella tsepamisong ya leano le phethahatsong ya leano, ke ntlha ya bohlokwa hore Tshebeletso ya Naha ya Puo NLS e netefatse hore ho na le ho kgema mmoho le tlhophiso e ntle dipakeng tsa boikemisetso le mehlodi ya Dibopeho tsa Motheo e hlokehang katlehisong ya phethahatso maemong ohle a mmuso.
Ka lebaka la melemo ya nakong e fetileng e etsahetseng Senyesemaneng le Afrikanseng, ha ho hlokehe boitshireletso ba letho ba ho tsepamisa matla ohle le mehlodi e haellang dipuong tse robong tsa batho ba batsho tsa mmuso. Moo ho tswanetseng, dipuo tse ding tsa kwano le dipuo tsa matjhaba di tla kenyeletswa mosebetsing wa ntshetsopele. Sena se tla thusa sepheong se ntlha di pedi sa ho ntshetsa pele tshebediso e sebetsang ya dipuo tse ngata ka lehlakoreng le leng, le ho matlafatsa dikamano tsa matjhaba le tshebediso ka lehlakoreng le leng. Maikemisetso a sehlooho ba Ditsha tsena e tla ba ho fetola tjhadimo tse keneletseng tse mabapi le dipuo tsa kwano ? tjhadimo tse tiisang ditlwaelo le mehopolo ya tlhokeho ya tekano (ka lebaka la kgaello kapa boleng ba moruo o fokolang wa dipuo tsena). Ka ho etsa merero kapa diprojeke tsa puo tse nang le molemo o bonwang ka pele setjhabeng se batsi, Ditsha tsa Diphuputso di tla kgona ho kenya letsoho ka ho otloloha sepheong se batsi sa ho tlisa diphetoho, ka ho qoholleha kahong ya setjhaba le ho etsetsa baahi bohle tjhelete.
TLHALOSO YA DITSHA TSA DIPHUPUTSO LE NTSHETSOPELE YA PUO
Ditsha tsena e tla ba mokokotlo wa Dibopeho tsa Motheo wa institjhushene e hlokehang katlehisong ya phethahatso ya Moralo wa Tshebetso wa Leano la Naha la Puo ha mmoho le melao kaofela e amehang, haholo boemong ba provense. Tshebeletso ya Naha ya Puo (NSL) ka tshebedisano le Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB) ha mmoho le mafapha a bonono le setho diprovenseng, e tla netefatsa hore tshebedisano le kgokahano ya mesebetsi kaofela e reretsweng ho tshehetsa le ho kenya letsoho phethahatsong ya leano la dipuo tse ngata naheng yohle. Kgopolo ke hore baamehi kaofela ba tla amohela boikarabelo mmoho ba ho hlokomela phethahatso ya diphuputso tse makalakala le lenaneo la ntshetsopele tse reretsweng ho fihlela boemo bo hodimo ba dipuo tse ngata ka mokgwa o sa bakeng ditshenyehelo nakong e kgutshwanyane ka moo ho ka kgonehang ka teng. Ditsha tsena tse hlonngweng diinstitjhusheneng tsa thuto e phahameng di tla fola molemo bokgoning le tsebong e seng e ntse e le teng diinstitjhusheneng tse fapaneng. Di tla bopa le marangrang a bohlokwa le ditheo tse ikemetseng tse nang le boikemisetso le sepheo se tshwanang tse motjheng wa dintlha tsa bohlokwa tsa Moralo wa Tshebetso wa Leano la Naha la Puo (NLPF).
MAIKEMISETSO A DITSHA TSA DIPHUPUTSO LE NTSHETSOPELE
YA PUO
Maikemisetso a Ditsha tsa Puo jwalo ka ha bo lokodisitswe boitlamong ba molao wa motheo ha mmoho le leanong la Moralo wa Tshebetso wa Leano la Naha la Puo (NLPF) ke:
Ntshetsopele e ntle ya dipuo tsa kwano tsa mmuso ho netefatsa hore setjhaba se di sebedisa mahlakoreng a bohlokwa a jwalo ka a molao, a kgwebo, a saense, a dipolotiki, thutong, jwalo jwalo;
Kgothaletso le tshehetso ya diphuputso tse amanang le puo tse tshwanelehileng le tse arabelang ditlhoko tsa basebedisi ba puo le tsa batho ba etsang diqeto, le hona ho boloka sesiu sa pokeletso ya lesedi se kgonang ho fihleleha;
Tlhophiso e ntle ya mesebetsi, ntshetsopele ya tshebedisano le ntlafatso ya kgokahano diyuniting kaofela le dikomiting tse amanang le mosebetsi wa ntshetsopele ya puo ho qoba phetapheto ya mekutu e etswang le tshenyo ya mehlodi;
Ho thusa le ho tshehetsa mesebetsi e etswang ho ntshetsa pele mekutu ya ho hlokomela hore dipuo tsa kwano di ngolwa ho ya ho ile ka ho matlafatsa mekgatlo e fapaneng ya bangodi, ho thusa ka dipitso (seminara) le diwekshopo tsa bangodi, jwalo jwalo;
Ho loha mawa le ditsela tsa ho sebetsana hantle le ditaba tse amanang le tshireletso ya thuo ya thepa le thuo ya tokelo ya ho ngola;
Ho eletsa mananeong a tla hohela baithuti ba bangata ho ithuta dipuo tsa Maafrika, ka ho bontsha menyetla e hlakileng ya mesebetsi, ho kenyeleditswe le menyetla ya ?thupelo ya boitsebelo?, moo ho hlokehang; le
Nyehelo ntshetsopeleng ya boitsebelo le bokgoni ba puo dipuong tse ding tsa matjhaba ho etsa hore baahi ba Afrika Borwa ba kgone ho kena ka mokgwa o nang le moelelo mekgatlong ya lebatowa le ya matjhaba e tshwanang le SADC, AU, NEPAD, UNESCO, jwalo jwalo molemong wa tshebedisano e batsi le dilekane tse seng di ile tsa tlabolwa nakong e fetileng.
SEBOPEHO SA DITSHA TSA DIPHUPUTSO LE NTSHETSOPELE
YA PUO
Ho hlakile hore bonamo ba mosebetsi wa Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo bo batsi, bo hloka moralo o hlokolosi le Dibopeho tsa Motheo ya mehlodi e tla dumella kgolo le katoloso, ha nako e ntse e tswela pele. Ka boinyalanyo le dipehelano tse entsweng Molaong wa motheo mabapi le dipuo tsa molao tsa kwano, ho tla thehwa Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo tse robong. Hona ho bolela hore setsha se se seng le se seng se tla abelwa ntshetsopele ya puo ya kwano ya molao e le nngwe. Setsha se seng le se seng sa puo se tla ba le diyuniti tse nyenyane tse nang le bokgoni ba ho nyalanya boikemisetso le mesebetsi ya setsha. Ditsha di tla hlongwa diinstitjhusheneng tse neng di ntse di le ka mosing (di-HDI) tsa thuto e phahameng ka diphapano tse itseng moo ho hlokahalang teng. Kgopolo ke hore mmuso o tla ba le selekane se itseng le diinstitjhushene tseo ho hlonngweng Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo ho tsona.
Tjhadimo ya bohlokwa ditlhophisong tsa ho thehwa ha Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo ke hore ho qojwe phetapheto ya mesebetsi ka ditsela tsohle. Mesebetsi ya tsona e tla ba ho tlatseletsa feela e seng e ile ya etswa kaekae. Karolo ya bo-6 ka tlase e fupere ditaba tse keneletseng tse ileng tsa tshohlwa.
Mehatong e qalang ya ditlhoko tsa motheo tsa Setsha e tla ba tse boemong bo tlase ka mokgwa wa boikokobetso. Moifong wa basebetsi, monyetla o entsweng mona ka tlase o nkuwa e le wa bohlokwa wa motheo wa mantlha o etsang hore ho simollwe ka mosebetsi.
Molaodi;
Mongodi;
Bahokahanyi ba yuniti e nngwe le e nngwe e nyenyane;
Basebetsi ba nakwana; le
Ofisi/tshehetso ya tsamaiso.
Ho feta mona, ho tla hlokeha sebaka sa ofisi le thepa e sebediswang.
Ntlha ena e ka tjhoriswa ka setshwantsho ka mokgwa o latelang:
Molaodi o tla ikarabella tsamaisong ya ka mehla ha mmoho le tshebetsong ya Setsha sena. Molaodi o tla tlalehela Komiti ya Tsamaiso ya Setsha e bopilweng ka Mongodisi wa tsa Thuto (Academic Registrar), Hloho ya Lefapha kapa ya Sekolo sa Dipuo tsa Maafrika; Mohlanka ya ka Sehloohong wa Ditjhelete (wa institjhushene eo), setho sa Senate kapa sa Khansele, morupedi a le mong e moholo kapa le profesa e le nngwe e tswang Sekolong sa Dipuo kapa Fakalthing ya dithuto tsa Bonono (Arts) kapa tsa dithuto tsa Botho (Humanities) ha mmoho le ho Hloho ya Yuniti ya Puo ya Provense. Komiti ya Tsamaiso ya Setsha e tla ikarabella Komiting ya Naha ya Boeletsi. Komiti ena e tla ba le baemedi ba tswang Lefapheng la Bonono le setho, PanSALB, SABC, Lefapheng la Dikgokahano, le baemedi ba tswang mafapheng (diyuniting tsa puo) a mmuso wa naha le wa provense. Lefapha la Bonono le Setho e tla ba lona leo e bang modulasetulo dikopanong tsa Komiti mme le sebetse jwalo ka bongodi Komiting ya Naha ya Boeletsi (NACO).
MAQHAMA LE TSHEBEDISANO
Leano le tsepamisa hore diyuniti tsa puo di tla hlongwa mafapheng ohle a naha le provenseng e nngwe le e nngwe ho tse robong, haholoholo mafapheng a ikarabellang ho tsa bonono le setho. Makgotleng a etsang melao a diprovense ho na le di Hansard tse fanang ka ditshebeletso tsa puo. Lekgotla la Naha la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa (PansSALB) le se le ile la theha dibopeho tse ding tse kang Komiti ya Puo Provenseng (PLCs), Diyuniti tsa Naha tsa Leksikhokrafi (NLUs) le Makgotla a Naha a Puo (NLBs). Setsha sena mesebetsing yohle ya sona, se tla netefatsa hore ho na le tshebedisano le tsena tsohle ha mmoho le dibopeho tse amehang.
Kameho ya Hlooho ya Yuniti ya Puo ya Provense ho Komiti ya Tsamaiso ya Setsha ke ya bohlokwa ho netefatsa hore Balekgotla ba Phethahatso diprovenseng ba tseba ka ho phethahala ka mesebetsi ya Setsha le hore ditabatabelo tsa provense le dintlha tse lokelang ho fetisetswa pele di behilwe ka sehlohlolong Setsheng sena. Balaodi ba Ditsha tsena ba tla dula ba tlalehela Foramo ya Naha ya Puo eleng moifo wa boemedi wa baamehi o thehilweng ka mafapha a diprovense le a mmuso wa naha ha mmoho le baemedi ba PanSALB. Moifo ona o eletsa Komiti ya Tshebetso le ya Matona (MINMEC) ka ditaba tsohle tsa leano la puo le phethahatso ya tsona.
BONAMO BA TSHEBETSO
Ditsha tsena e tla ba tsa bohlokwa haholo mosebetsing wa diphuputso tsohle tsa puo le mosebetsing wa ntshetsopele ka ho arabela ditlhoko tsa ditjhaba tse fapafapaneng, ha nakong yona eo di tla be di thusa le mafapha a mmuso ka disebediswa tse hlokehang tsa puo hore leano le phethahatswe ka katleho. Tjhadimong ya hore mafapha a mmuso a diprovense a ikarabella phethahatsong ya leano, ho a hlokeha ho lemoha hore diyuniti tsa puo mmusong di ke ke tsa ba le bokgoni, mahlale le boitsebelo ba ho ntshetsa pele dihlahiswa le disebediswa tse hlokehang molemong wa ho sebeletsa dipuo tsa mmuso tse 11. Lefatsheng ka bophara, seabo sa diyunivesithi ka ho ikgetha esale se amohetswe e le ho tshehehetsa ntshetsopele ya puo le ho thusa ka disebediswa tse hlokwang ke mmuso tsa phethahatso ya leano. Lebala la tshebetso ka lebaka le jwalo le tla akaretsa le ho tsepamisa maikutlo ntlafatsong ya puo, paballong ya lefa, ya dikgale, le dimusiamo, mananeo a ho fihlella batho, diphuputso le ho theha bokgoni bo hlokehang. Ntlha e nngwe le e nngwe ho tsena e tshohlwa ka botebo mona ka tlase:
NTLAFATSO YA PUO
Jwalo ka makala ohle a tshebetso, lehlakore la puo le batla moifo wa basebetsi ba puo ba rupeletsweng hantle lethathameng le batsi la mahlale, tsebo le boitsebelo. Ntlha ya bohlokwa mona ke thupelo ya thuto ya basebetsi ba puo ba lokelang ho tswa mophatong wa thupelo ba na le tsebo e ikgethang makaleng a fapafapaneng, mohlala, mareo, phetolelo, tlhaloso ka tsela ya botoloki, ho hlaola diphoso le ho ba le tsebo ya theknoloji tsa puo. Ho re ho tle ho hlahiswe ditshebeletso tsa boleng makaleng ana dipuo tse neng di ntse di behilwe ka mosing nakong e fetileng, ke ntlha ya bohlokwa hore ho atoloswe kaletsa ya tsona ya tsebo le mahlale a basebetsi ba sebetsanang le puo e le hore ho tle ho be le bokgoni bo lekaneng ba ho sebetsana le makala a tsebo ao mohlomong ba neng ba ntse ba kotetswe ho ona ka lebaka la ho haellwa ke boitsebelo kapa ka lebaka la nalane ya pele ho tswalo ya puso ya setjhaba ka setjhaba (demokrasi).
Ka lebaka la tshebediso ya dipuo tsa batho ba kwano ho ntlafatsa tshebeletso eo eleng yona ntlha ya sehlooho ya mmuso, ho ba le keketseho ya tlhokeho ya ditshebeletso tsa diphetolelo, botoloki le ntshetsopele ya mareo. Jwale e tla ba mosebetsi wa Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo ho fumana boitsebelo bo jwalo, ho bopa marangrang a tshebetso a ditsebi tse jwalo le ho thusa ka mananeo a tjhoriso ya basebetsi ba puo le ho kenya letsoho mananeong a tlwaelehileng a yunivesithi ho etsa hore dithuto di kgeme ha mmoho le indastri ya puo. Sepheyo ke ho nyalanya boitsebelo, mahlale le tsebo ha mmoho le ditlhoko tsa mosebetsi wa basebetsi ba puo.
Ha mmoho le ho theha bokgoni ba ho netefatsa hore ho na le ditshebeletso tsa boleng tsa puo, Ditsha di tla ba le seabo sa bohlokwa lebaleng la ?mohopolo wa ntshetsopele ya puo?. Morero wa projekte ena ke wa nako e telele o kenyeletsang diphuputso tsa tshebediso ya dipuo tsa kwano ka mabaka a ho fihlela sepheyo sa thuto. Bonamo ba morero ona bo tla qala boemong ba thuto ya praemari, dikolong tsa sekondari ho fihlela thutong ya ka hodimo ho boemo ba matriki, mme diphuputso di tla etsa hore ho be le ntshetsopele ya mehlodi e loketseng ya boithuto le thuto e hlommeng ka pele, tlhahiso ya ?didikshenari tse ikgethang?. Ntshetsopele ya mareo e thehilweng dikaralong tsa bohlokwa tsa kharikhulamo e tla ba yona e hlongwang ka pele ho tsohle. Moo diinstitjhushene di nang le Dithuto tsa Diphatlalatso le Dikgokahano, Setsha se tla lebellwa hore se sebedisane le bona ka mehlodi, haholo mabapi le tlhahiso ya thepa e hatisistsweng, tlhahiso ya dividiyo, thepa ya monyaka e tsamaisanang le thuto, jwalo jwalo. Ditefello tsa Setsha ka mokgwa ona di tla fokotseha habane tlhahiso ya thepa e ka bopa karolo ya merero ya diprojeke tsa baithuti ba maemong a sehlooho kapa ba phethelang.
TSHEHETSO YA DIPHUPUTSO TSE AMANANG LE PUO
Ditsha tsena tse hlonngweng diinstitjhusheneng tsa thuto e phahameng, di tla buisana le mafapha a puo a diinstitjhushene tsa moo Ditsha tsena di thehilweng teng mabapi le matsapa a diphuputso tsa puo ao mafapha ana a tshwarahaneng le ona le ao ba rerileng ho kena ho ona ka tshebedisano le Setsha.
Leha ho le jwalo, maikutlo boholo a mesebetsi ya diphuputso tsa Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo a tla tsepamiswa diphuputsong tse sebetsang, eleng diprojeke tsa nako e kgutshwanyane tse tla kgema ha mmoho le ditlhoko tse tsebahaditsweng puong e ikgethang. Dipatlisiso tsa diphuputso tse pharaletseng tse hlahlobang tshusumetso ya mananeo ana kapa ha ho hlokeha le tekolo tsa leano di tla etswa.
Merero ya diprojeke tsa diphuputso e tla tsamaelana le ditlhoko tsa setjhaba le tsa mekgatlo ya praevete. Mohlala, diphuputso di ka etsetswa ho tsepamisa dintlha tse hlonngweng ka pele ntshetsopeleng ya mareo. Dipuo tse ding tsa Maafrika tse neng di ntse di kotetswe nakong e fetileng di ka nna tsa ba le tlhoko e potlakileng ya mareo makaleng a kang a temo, moo dipuo tse kgolwanyane tse kang Sezulu mohlomong di seng di na le mareo a ntsheditsweng pele.
Diphuputso tse neng di ka etsetswa mokgatlo wa praevete di ne di tla kenyeletsa dipatlisiso tsa ho fumana ka moo kgwebo tsa praevete di ka bapatsang dihlahiswa tsa tsona ka teng ka mokgwa o ntlafetseng ho feta. Mohlala, Setsha sa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo se ka etsa dipatlisiso ho fumana maemo a tsebo ya ho ngola le ho bala, le mekgwa ya phatlalatso eo boholo ba batho ba habilweng ba kgonang ho e fihlella. Ha ho na le boemo bo phahameng ba kgaello ya tsebo ya ho bala le ho ngola, mmapatsi o tla eletswa hore a bapatse radiyong, mme ka ho qoholleha seteisheneng kapa diteisheneng tse hlwauweng tsa radio.
Mosebetsi wa bohlokwa haholo wa Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo e tla ba ho hloma disiu tsa lesedi la diphuputso. Setsa se seng le se seng se tla bokella lesedi le seng le ntse le le teng kaofela le le amanang le Ditsha tsena tsa puo, le jwalo ka dipalopalo tsa palo ya baahi (disensase), dipatlisiso phatlallong ya puo naheng ka bophara, jwalo jwalo. Disiu tsena tsa lesedi di ka sebedisetswa ho thusa dikopong tse tswang ho basebedisi tse potlaketseng ho fumana lesedi lena, le ho ntshetsa pele dihlahiswa tsa diphuputso tse ka sebedisetswang dipuo tsa setjhaba tse sebeletswang ke Setsha seo, Ditsha tse ding le baamehi ba bang ba puo.
Mohlodi o mong wa bohlokwahadi wa lesedi e tla ba Dipatlisiso tsa Dihlahiswa Kaofela tsa Papatso (AMPS) tse hlahiswang kgafetsa ke Mokgatlo wa Diphuputso tsa Papatso tsa Afrika Borwa (SAARF). Dipatlisiso tsa Dihlahiswa Kaofela tsa Papatso (AMPS) di fana ka lesedi dibopehong kaofela tsa papatso, ho kenyeleditswe radiyo, theleveshene le mekgwa e meng ya elektroniki, diphatlalatso le papatso ya kantle e tshwanang le dibiliboto. Le ha maikutlo mohlomong a tsepamisitswe dihlahisweng tsa kgwebo, lesedi le ka sebedisetswa le merero e meng e fapaneng. Mohlala, lesedi le tswang AMPS le ka romelwa Diyuniting tsa Puo tsa Diprovense (di-PLU) ho bontsha bobatsi ba ka moo puo e itseng e buuwang ka teng kapa e sebediswang ka teng mekgweng ya papatso, mme lesedi lena le ka thusa Diyuniti tsa Puo tsa Diprovense ho hlokomela phethahatso ya leano la puo provenseng le bobatsi ba ka moo mekgatlo ya praevete e tshehetsang leano la puo ka teng.
Disiu tsa lesedi di tla hlokomelwa ka diphuputso tsa puo tse entsweng ke dibopeho tse fapafapaneng tsa phethahatso tsa puo provenseng, bakeng sa merero ya ho hlwela le e jwalo ka tataiso ya diphuputso tse ding tse tswelang pele. Ntle le diphuputso tse ding tse amanang le puo, disiu tsa puo di tla bokellwa diphuputsong tsa botjhaba ba kwano ba Afrika Borwa. Ka lebaka la hobane Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo di tla be di amana haholo le diphuputso tsena, di tla kgona le ho boloka lesedi le bokeletsweng la disebediswa tsa diphuputso, mohlala letoto la dipotso tsa diphuputso, meralo ya temoho, maqephe a dipuisano, jwalo jwalo.
KGOTHALETSO YA HO BALA LE HO NGOLA DIPUONG TSA
MAAFRIKA
Ka kakaretso tlwaelo ya ho bala Afrika Borwa e fokola haholo. Boemo bona bo nyarosa ho feta ha motho a tadima boemo bona ntlheng ya dipuo tsa kwano. Ho ile ha fanwa ka mabaka a mangata a hlalosang bothata bona. Mabaka ana a tloha ho kgaello ya dibuka dilaeborari, kgaello ya dibuka dikolong, ditsha tsa laeborari tse sa fihlelweng ha bobebe kapa tse siyo, maemo a hodimo a batho ba sa tsebeng ho bala le ho ngola, le dibuka tse sa hoheleng le tse sa etseng hore batho ba be le tjantjello ya ho di bala, kgaello ya dikgothatso kapa meputso bakeng sa bangodi, le tabatabelo e shaitsang le tjhadimo e sa kgahliseng mabapi le dipuo tsa Maafrika.
Hobane ke maikemisetso a sehlooho ba Ditsha tsa Puo ho fetola tjhadimo e keneletseng e sa kgahliseng mabapi dipuo tsa kwano, boemo bona bo ke ke ba dumellwa ho ja setsi. Nnete ke hore ho tshwanetse hore ho sebetswe ka thata ho fumana katamelo e mahlakore a mangata e tla rarolla pharela ena. Ho hloleha ho rarolla bothata bona ho tla sitisa le ho thunthetsa haholo phethahatso ya Leano la Naha la Puo. Mohato wa pele wa mehato e lokelang ho nkuwa ke Ditsha tsena tsa puo ke ho theha tshebedisano le mekgatlo ya bangodi le mekgatlo efe kapa efe eo eseng ya mmuso e sebetsanang le mekgatlo ya bangodi kapa bangodi ka bonngwe ba bona. Sepheyo ke ho utlwisisa bokgoni bo teng le ho bo matlafatsa moo ho hlokehang. Dipitso tsa diwekshopo le diseminare tsa bangodi e tla ba tsa bohlokwa haholo tse tla thuso ka boikemisetso bona.
Ka matsholo a temoso a puo, mesebetsi ya bongodi ba dikoranta le yona e lokela ho kgothaletswa. Ditsha di tla lokela ho sebedisana haholo le institjhushene tsa moo ho rutwang dithuto tsa bongodi ba dikoranta, ho netefatsa hore baithuti ba bangata ba nang le boiphihlelo ba mangolo a thuto dipuong tsa Maafrika ba rupelwa ho ngola le ho tlaleha ditaba ka dipuo tsa kwano. Mohlala, ho ya ka moo mekgwa ya ditaba tsa dikgatiso e tsamayang ka teng, dipuong tse robong tsa Maafrika, ke Sezulu feela se nang le dikoranta tse phethahetseng tse phatlalatswang kamehla mona ho buuwa ka Iso Lezwe le Ilanga lase Natala e tswang habedi ka beke. Sexhosa se na le pampitshana ya tlatsetso koranteng ya Senyesemane e tswang letsatsi le letsatsi e phatlalatswang feela Kapa Botjhabela. Pampiri ya tlatsetso ya Sexhosa e hlaha hang ka beke koranteng ya Daily Dispatch le ya Herald. Ho ya ka mehlala ena, ho totobetse hore bongata ba batho ba Afrika Borwa bo sa tsebeng ho bala le ho kgona ho utlwisisa Senyesemane bo hlokiswa monyetla wa ho fumana lesedi la bohlokwa hobane ha ho na dikoranta tse ngotsweng le ho phatlalatswa ka dipuo tsa bona.
Tabeng ya bongodi teng, bangodi ba bangata haholo ba thehile maikutlo a bona phatlalatsong ya bongodi ba dibuka tsa sekolo. Ho na le tlhokeho e kgolo ya hore ho kgothaletswe bongodi dipuong kaofela ka mefuta ya bobadi bo fapaneng. Ka tsela ya kgothaletso boraditaba (SABC ha mmoho le dikoranta) ba ne ba ka kena morerong wa tlhophiso ya ditlhodisano, ka tebello ya hore ketso ena e tla kgothaletsa bangodi le ho feta. Dibuka tse hlotseng kapa diathekele ha mmoho le dithothokiso, jwalo jwalo, di ka hlahiswa mananeong a tshwantshiso tsa theleveshene. Mesebetsi e jwalo e tla etsa hore ho be le tshehetso ya tjhelete Ditsheng tsena, empa e tla ba mohlodi wa bohlokwa wa kuno ho bangodi le dibapadi.
Dikoranta di ka kgothaletswa ho phatlalatsa dikoranta tse ding kapa dikarolo tsa dikoranta ka dipuo tse fetang bonngwe ho netefatsa hore batho ba kgona ho fihlella ditaba tse ngotsweng ka mokgwa o ntlafetseng ho feta. Ditsebiso tsa mmuso ka ho qoholleha di lokela ho etswa ka dipuo kaofela tsa mmuso tse hlwauweng ke diprovense tse fapaneng. Ntho ena e tla hlahisa menyetla e mengata ya mesebetsi ya bafetoledi le bahlaodi ba diphoso ba ithutileng dipuo tsa Maafrika. Ntho ena e tla bontsha le ho fina seledu ha mmuso mosebetsing wa tshebediso ya dipuo tse ngata, haholoholo boemong ba mmuso wa provense le wa puso ya selehae, ka ho tiisa hore lesedi le teng le kgona ho fumanwa ke baahi kaofela ba naha ena. Dikomiti tsa Puo tsa Provense di ka kenya letsoho haholo ka ho netefatsa hore ho na le tshebedisano matsapeng ana. Tebello ke hore mekutu ena e tla phedisa le ho sebedisa makgobonthiti a etswang ke mmuso a ho ntlafatsa ka thuto ya matshweletshwele a batho, boemo ba phedisano le ba moruo wa batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing ba phelang diprovenseng tse fapaneng.
LEFA LE DIMUSIAMO TSA PUO
Ho ngolwa ha dipale, ditshomo, ditaba tsa bahale, maele, jwalo jwalo.
Ditsha tsohle di tla hloka hore di be le yuniti e sebetsang ho ngola dipale, ditshomo, ditaba tsa bahale, maele a Maafrika, jwalo jwalo. Ho ka nna ha hlokeha basebetsi ba thoteng ba tla sebetsa mokobobo ho tsoma batho ba baholo setjhabeng bao eleng disiu tse fupereng thepa e jwalo, le ho ngola ditaba tsa bona molemong wa thuto le wa paballo ya tsona. Mosebetsi ona o lokela hore o potlakelwe ntle le tieho, jwalo ka maele a Maafrika a bolela hore, ?Kamehla ha ho shwa motho e moholo ho tjha laeborari ya bohlokwa?. Naheng ena, ho a swabisa hore nakong ya dilemo tse 10 tsa puso ya setjhaba ka setjhaba (demokrasi) ha ho le ha e le musiamo le o mong to! wa dipuo tsa Maafrika. Sena ke sesupu sa e nngwe ya tshenyo e bakilweng ke bokolone le kgethollo (apartheid). Dintho tsena tsohle ? Dipale tsa Maafrika, ditshomo, ditaba tsa bahale, maele, jwalo jwalo, esale e le mekgwa ya sehlooho ya neheletsano ya botjhaba, ditabatabelo, meetlo le ditlwaelo tsa rona ho tloha molokong o mong ho leba ho o mong. Ho thibela hore batho ba kwano ba seke ba lahlehelwa ke boitsebo ba bona ka ho phethahala, ho hlokeha mehato e potlakileng ya ho bokella lesedi lena bathong ba habo rona ba buwang dipuo tse fapaneng.
Nyehelo ya neano ya lefa la ditaba tse sa ngolwang nalaneng ya rona
Ho tla boela ho hlokeha basebetsi ba thoteng hape, ba tla tsomana le batho ba seng ba hodile setjhabeng bao eleng disiu tsa polokelo ya nalane ya rona e sa ngolwang ya neano ya taba. Nalane e jwalo e lokela hore e ithutwe e be e hlaloswe ntle le ho thunthetswa ka ho theolelwa boemong bo tlase ba mofuta ofe kapa ofe, ka lebaka la sebopeho sa yona sa neano ya ditaba. Ka lehlakereng le leng, dibopeho tsa morao tjena tsa neano ya ditaba di lokela hore di ntshetswe pele hobane ke tsona tse fepelang le ho matlafatsa botjhaba ba rona. Taba ya ntshetsopele e ntjha ke e nngwe ya tse ka beng di rarollwa boemong ba thuto ke Ditsha tsena, tseo ha morao motheong wa nako e telele di tla hlokomela ntshetsopele e jwalo ha e ntse e etsahala naheng ka bophara.
Ntlha e nngwe ya bohlokwa ke hore Ditsha tsena di tla hlokomela le ditaba tsa tokelo ya thuo ya khopi ? haholoholo dingolweng tsa kgale tsa neano ya ditaba. Bongodi ba ditshomo bo se bo fetohile kgwebo empa ka bomadimabe, ke kgwebo e tlokomang ho batho ba sa buweng dipuo tsa kwano tsa Maafrika. Ntho ena e bakilwe ke hobane ha se babui ba dipuo tsa kwano ba Maafrika kaofela ba tsebang ho ngola, mme haeba ba tseba ho ngola, ditabatabelo tsa kgatiso ke tsa batho ba buwang dipuo tse ding. Se ileng sa etsahala ke hore dipale tse sa ngolwang di ile tsa nkuwa ho babui ba dipuo tsa kwano ba neng ba sa tsebe ho ngola mme ha ho moo ba ileng ba ananelwa jwalo ka mehlodi ya tsebo eo ya bona kapa ba fuwa ditlhapiso tse itseng teng. Tokelo ya thuo ya khopi ya ditshomo tse ileng tsa phatlalatswa e ile ya fuwa batho bao eseng babui ba dipuo tsa kwano. Ke taba ya bohlokwa ke hona hore Ditsha di etse diphuputso ka karolo ena ya tsebo ya rona le ho sebetsa mekgwa ya tokelo ya thuo ya khopi le ditokelo tsa thepa ya mahlale e tla sireletsa mehlodi ena hore e seke ya kotulwa ntle le tshireletso. Tokelo ya khopi e ka dula e le ya matla a molao a Afrika Borwa ka tshebediso ya Ditsha tsa Puo. Molao wa tokelo ya khopi, Molao wa 98 wa selemo sa 1978, le ona o tla tsosoloswa ho tshireletsa mesebetsi ya dingolwa, ya mmino le ya bonono ekasitana le ya dikgatiso tse nang le modumo tsa ditshomo tse phetilweng.
HO FIHLELLA SETJHABA
Boikemisetso bo bong ba bohlokwa ba Ditsha tsena ke ho ntshetsa pele le ho kgothaletsa tshebediso ya dipuo tsa kwano. Mokgwa wa nakong e fetileng wa phedisano, wa moruo ha mmoho le wa dipolotiki ho la Afrika Borwa, ho tloha nakong eo naha ena e neng e buswa ke lequlwana la palo e nyenyane ya makgowa o entse hore dipuo tsa Maafrika di kotelwe haholo mapatlelong a fapafapaneng a setjhaba le ditherisanong. Ka Moralo wa tshebetso o motjha wa Leano la Naha la Puo, mmuso o kgothaleditse ditsela tse fapafapaneng tsa ntlafatso ya boemo le tshebediso ya dipuo tsa kwano. Mosebetsi ona o ka katleha (sitiseha) haholo haeba ditjhaba tse buwang dipuo tsena di hloka seabo ka kotloloho matsapeng a ntshetsopele ya puo.
Thupelo ya tsebo ya ho bala le ho ngola
Bohlokwa ba boleng ba thupelo ya tsebo ya ho bala le ho ngola ho la Afrika Borwa bo ke ke ba toboketswa ho feta. Ditsha di tla simolla ka mananeo a ho fihlella setjhaba ka morero wa ho bonesetsa setjhaba ka tsebo ya ho bala le ho ngola. Thupelo e ka arolwa ka mehato e meraro, i Thupelo ya tsebo ya mantlha ya ho bala le ho ngola, ii Thupelo e bohareng, le iii Thupelo e hatetseng pele ya tsebo ya ho bala le ho ngola.
Ho tla hlokeha tshebedisano e kgolo le lehlakore la Mekgatlo eo eseng ya mmuso (NGO) le lehakore la Lefapha la Thuto la Thuto ya Mantlha ya Ba baholo le Thupelo (ABET). Ditsha di ka thusa tsamaisong ya ditlhahlobo tsa tshusumetso le dipatlisiso tsa kutlwisiso ya boleng ba mananeo a jwalo a thupelo ya tsebo ya ho bala le ho ngola ntlafatsong ya maemo a bophelo ba batho feela ho la Afrika Borwa.
Dithuto tsa Mantlha tsa Puo
Hobane Ditsha tsa Puo di tla be di hlonngwe institjhusheneng tsa thuto e phahameng, di tla kgona le ho buisana le diinstitjhushene tseo mme ba kopanye matsoho ho fana ka dithuto tsa mantlha tsa puo bathong ba sa tsebeng ho buwa dipuo tsa Maafrika. Ho tshwanelehile hore ho hopolwe le hore tshebediso ya dipuo tsa Maafrika e lokela ho kgothaletswa eseng feela bathong ba Maafrika empa le ho ba Yuropa le Bophirimela, batho ba Asia le batho ba buwang dipuo tse ding ho la Afrika Borwa.
Makgobonthiti ana a tla akofisa ntshetsopele le tshebediso ya dipuo tsa kwano Afrika Borwa le mose ho mawatle, ha ho kgoneha. Mohlala, Amerika e na le maqhama le diyunivesithi tse ding ho la Afrika Borwa ka morero wa ho ntshetsa pele thuto le diphuputso tsa Sezulu. Baithuti ba qeta nako diinstitjhusheneng tsena mme ba kgona ho utlwisisa le botjhaba ba ditjhaba tsena. Mananeo a jwalo a phapanyetsano a ka matlafatswa mme a atoloswa ka mokgwa o nang le sebopeho ho feta.
Ho latela kutlwisiso ya tshebedisano ya lefatshe, Afrika Borwa e ya e fetoha e nngwe ya dinaha tsa bohlokwa ho feta. Ka hoo ke taba ya bohlokwa hore baahi ba Afrika Borwa ba bangata ba ithute le ho bala ?dipuo tsa dinaha tse ding kapa tsa matjhaba?, eseng feela bakeng sa mosebetsi wa ho di toloka kwano empa bakeng sa ho hlahisa menyetla ya mosebetsi e nang le moelelo mose ho mawatle, dibakeng tsa boromuwa ba rona dinaheng tse kantle, tshebedisanong ya mebuso, jwalo jwalo. Lefapha la Ditaba tsa Kantle ke lona feela le rupelang bahlanka dipuong tsa matjhaba, empa kgaello e kgolo ya mahlale a tsebo ya puo mohlala, Lefapheng la Ditaba tsa Lehae; la Kgwebo le di Indastri; la Sesole; la Bothori le Lefapheng la Ditaba tsa Tikoloho. Mananeo a thuto a mangatanyana a lokela hore a fihlellwe ke baahi ba Afrika Borwa mabapi le taba ena mme Ditsha tsena di ka batla mehlodi le botsebi ho etsa hore sena se fihlellwe.
Ntshetsopele ya Thuto ya Dipuo tsa Maafrika
Institjhushene tsa ka hodimo ho boemo ba matriki di tlaleha phokotseho ya palo ya baithuti ba latelang thuto tsa dipuo tsa Maafrika e le tsona tsa sehlooho. Ho leka ho lwantsha sena, Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo di ka kenya letsoho ka ho kgothaletsa baithuti ho ithuta dipuo tsa Maafrika ka maikemisetso a ho ikgwantlella ka tsona makaleng a tshebetso a kang a ho ruta puo (ho tloha boemong ba praemari ho fihlela boemong ba thesheari), a diphetolelo le tlhaloso ya botoloki, dithuto tsa dikgokahano (ho kenyeleditswe dipapatso le bongodi ba dikoranta), le dipapadi tsa kalaneng ha mmoho le boithabiso (mohlala. bangodi ba ngolang ditshwantshiso tsa kalaneng, radiyo le ditshwantshiso tsa theleveshene). Hobane institjhushene tsa ka hodimo ho boemo ba matriki di se di ntse di tshwarane le mosebetsi wa ho ruta makala ana le ka lebaka la hobane Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo di ke ke tsa kgona ho ruta ka botsona, di ne di tla sebedisana le institjhushene tsena tsa ka hodimo ho boemo ba matriki, ka tshehetso ya ya ditjhelete ya baithuti (dithuso le dibasari) ba batlang ho ithutela makala ana. Ditshehetso tse jwalo tsa ditjhelete di ka hokahanngwa le motheo wa menyetla bakeng sa thupelo tsa ho iphumanela boitsebelo bo tla thusa baithuti ho fumana boitsebelo ba mosebetsi bo hlokehang makaleng ana a kgethilweng mohlomong e ka ba Ditsheng tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo le institjhusheneng tsa ka hodimo ho boemo ba matriki, ka motjha wa bohareng wa Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo, mererong ya diprojeke tseo motheo wa tsona o leng setjhabeng le karolong ya praevete. Dithuto tse amanang le puo di ka boela tsa kgannela ntshetsopeleng ya thepa ya boithuto le thuto dipuong tsa Maafrika ho matlafatsa thuto dikarolong tse fapafapaneng. Thepa ena e ka boela ya etsetswa thuto thutong tsena.
Mosebetsi wa ho theha Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo o tla ntshetswa pele ka mekgahlelo e meraro:
MOHATO WA PELE
Dintlheng tse hlonngweng pele ho na le ya ho hloma metheo ya tlhekelo le ya ho tswa letsholo la ho fumana mehlodi e hlokehang ya batho ba sebetsang le ho fumana disebediswa, ho kenyeleditswe le Dibopeho tsa Motheo ya kgokahano le sesiu sa lesedi. Lethathama la diphuputso tsa ho bokeletsa lesedi la pele ho qaleho ya mosebetsi le tla thakgolwa lekaleng la Lefa (Heritage), la Lenaneo la Ntlafatso ya Puo le la ho fihlella Setjhaba. Ditsha di tla tataiswa ke ditherisano tse tla tshwarwa boemong ba diprovense ho tsepamisa dintlha tse hlonngweng ka pele, ditlhoko le ditabatabelo tsa baamehi kaofela, haholoholo pusong ya selehae. Sepheo ka diphuputso tsena tsa pokeletso ya lesedi la pele ho qaleho ya mosebetsi, e tla be e le ho:
Etsa meralo ya tshebetso ya diphuputso ya dibaka kaofela tse hopotsweng (mekgwa ya boleng le ya palo).
Ntshetsa pele mosebetsi wa thoteng, tlhophollo le tlhaloso ya lesedi.
Ntshetsapele ya merero wa diprojeke tse kgonehang, tse hlalositsweng hantle ho latela nako ya tsona ya ho di phetha, tse qaqisitsweng hantle moo ho kenyeleditseng le ditjeho.
Hlahisa merero ya diprojeke Lefapheng la Bonono le Setho hore e behellwe ka pele, e ananelwe, e be e tshehetswe ka ditjhelete.
Akofisa mosebetsi wa ntshetsopele ya mareo o seng o ntse o le motjheng.
MOHATO WA BOBEDI
Nako ke ntho ya bohlokwa haholo mabapi le seabo sa Ditsha tsena. Ka selemo sa 2005 mosebetsi o tla potlakiswa ho:
Atolosa Dibopeho tsa Motheo ya Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo ho latela ditlhoko tsa projeke jwalo ka ha e ananetswe ke DAC le PanSALB.
Batla tshehetso le tshehetso ya tjhelete bakeng sa ho atolosetsa merero ya diprojeke tsena dibakeng tse ding tsa diprovense.
Ntshetsa pele sesiu se batsi sa lesedi le ntlafatso ha mmoho le ntshetsopele ya mosebetsi. Sesiu sena sa lesedi se tla sebediswa le ke balekane ba bang bao ho bonahalang hore ba tla ba teng ba kang mafapha a mmuso, baetapele ba setjhaba, Mekgatlo eo eseng ya Mmuso (NGOs), le institjhushene tse ding. Ho bonelwa pele hore sesiu sa lesedi le jwalo e tla ba sa bohlokwa haholo bakeng sa diphuputso tse ding, mohopolo wa merero ya diprojeke tse ntjha le ho fana ka lesedi le nepahetseng le ka sebedisetswang ho etsa leano le nang le kutlwisiso boemong ba selehae, qalehong, le boemong ba naha.
MOHATO WA BORARO (2006 LE HO FETA)
Ka metheo ya tlhekelo e tlatseleditsweng le bokgoni bo thehilweng, mesebetsi e tla etswa ka lebelo le leholo le ka mokgwa o motle. Hona ho bolela:
Ho atolosa mesebetsi le diprojeke hore di fihlelle dibakeng tsa mahae. Mona ho tla kenyeletswa le ntshetsopele ya ditsha tse nyenyane tseo ho tla thakgolwa diprojeke tsa sebaka sefe kapa sefe se ikgethang ho tsona le di hlokomela.
MoIemong wa ho tsamaisa le ho hlokomela ditsha tse jwalo tse nyenyane, Ditsha tse kgolo di tla lokela hore di matlafatswe kapa di atoloswe. Sebopeho le bobatsi ba katoloso e jwalo se tla bonahala ha nako e ntse e tsamaya, mme se tla itshetleha sephethong sa diphuputso, lebelong la katleho ya projekte le kananelong e etswang pele ke Lefapha la Bonono le setho le basebetsi ba balekane ba lefapha lena ba diprovenseng.
DITEKANYETSO TSA DITJHELETE
Dikakanyo tsa ditshenyehelo bakeng sa Setsha ka nngwe di thehilwe ditefellong tsa basebetsi, Dibopeho tsa Motheo le ditefellong tsa diprojeke:
Ntlha
Keketseho ya 10% selemong sa bo-2
Moifo wa basebetsi
Molaodi
Mongodi/Tlelereke ya tsamaiso
Bahokahanyi x5 @ R150?000
Bafuputsi x 5 @ R70 000
Basebetsi ba setjhabeng (sekepele sa hora)
Dibopeho tsa Motheo
Thepa ya Ofisi
Ditefello tsa tsamaiso
Motjhine wa dikhopi
Steishenari
Thepa ya ho rekota
Diprojeke
Matlalafatso ya Puo le ntshetsopele ya mareo
Bongodi le Kgatiso
Musiamo ya Lefa le Puo
TJHELE YOHLE
MANTSWE A HO KWALA
Ho thehwa ha Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo di tla ba le boleng ntshetsopeleng ya sepheo sa molao wa motheo mabapi le ho fihlella maikemisetso a tekano ya dipuo tsa Afrika Borwa. Ditsha di thehilwe hore di thuse ho fetola boemo ba dipuo setjhabeng eleng dipuo tsa batho ba neng ba ntse ba tinngwe menyetla ya dipuo ka tsela e hlodisang dipuo tsena ho ba bohatong bo lekanang le puo ya Senyesemane le ya Afrikanse kapa le dipuo dife kapa dife tse ding tse sebediswang haholo lefatsheng ka bophara, Ditsha tsa Diphuputso le Ntshetsopele ya Puo jwalo ka ha di hlahisitswe mona ka hodimo, di tla fela di fetohe mohlodi o kollang wa matlafatso ntle le tikatiko.
